Ebang Sekamolao se fetiswa ke Makgotla ka bobedi, se fetela ho Mopresidente bakeng sa ho se saena. Hang ha sekamolao se saennwe ke Mopresidente, e ba Molao wa Palamente, mme ka hona wa naha.
Ke mang ya kgethang neng?
Jwalo ka ha Molatheo o bolela ho na le mefuta e fapaneng ya dikamolao.
Dikamolao tse amang diprovinsi (Karolo ya 76)
Dikamalao tse sa ameng diprovinsi (Karolo ya 75)
Dikamolao tse fetolang Molaotheo (Karolo ya 74)
Dikamolao tse amang diprovinsi
Dikamolao tsena di wela ka tlasa Karolo ya 76 ya Molaotheo mme e kenyelletsa molao o mabapi le dintho tse jwalo ka Bophelo bo Botle, Thuto le Polokeho le Tshirelletso.
Ha ho kgethwa hodima dikamolao tse amang diprovinsi ho na le dikgetho tse 9 ka hara LNLD- kgetho e le nngwe bakeng sa provinsi ka nngwe. Moetapele wa kemedi ya provinsi o tla kgetha mme diprovinsi tsohle di na le kgetho e lekanang hodima dikamolao tsena.
Dikamolao tse sa ameng diprovinsi
Dikamolao tsena di wela ka tlasa Karolo ya 75 ya Molaotheo mme e kenyelletsa molao hodima dintho tse jwalo ka Tshereletso, Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le Toka.
Ha ho kgethwa dikamolaong tse sa ameng diprovinsi ho na le dikgetho tse 90, Setho ka seng sa LNLD se na le kgetho e le nngwe, mme dikgetho di etswe ho latela metjha ya mokga wa dipolitiki.
Dikamolao tse fetolang Molaotheo.
Dikamolao tsena di wela tlasa Karolo ya 74 ya Molaotheo.
Ha ho kgethwa bakeng sa dikamolao tse fetolang Molaotheo ho na le dikgetho tse 9 mme tse 6 tsa diprovinsi tse robong di lokela ho dumellana le sekamolao pele se fetiswa
Seabo sa hao!!
LNLD ke kgokahanyo dipakeng tsa Palamente ya Naha le diprovinsi mme hape ke kgokahanyo dipakeng tsa setjhaba le Palamente ya Naha.
Ka hoo ke mosebetsi wa Ditho tsa LNLD ho mamela maikutlo a setjhaba mme sena se neha moahi e mong le e mong maikarabello a ho hlahisa maikutlo le dingongoreho tsa bona ka Lekgotla la Ketsamolao la Provinsi.
O kgethile baemedi ka hara Lekgotla la Ketsamelao, Lekgotla la Naha la Diprovinsi le Seboka sa Naha – ba thuse hore lentswe la hao le utlwahale.
O fumana LNLD ka tsela efe?